kankere ya matswele ke eng?

TSEBA MATSHWAO A
LEMOSANG E SA LE KA NAKO
MME O HLOLE KANKERE YA
MATSWELE
1. Ema ka pela seipone
o shebisise diphetoho
tse ka bang
matsweleng a hao.
2. Setshwantsho sena
se o bontsha kamoo o
ka lekolang letswele le
A
leng le le leng kateng.
Potetsa letsoho le leng
kamora hlooho mme ka
B
menwana ya le leng o
hlahlobe letswele la hao
hantle o ntse o le
potoloha. Qala ntlheng ya A mme o ntse o
potoloha, latela ditshupo ho fihla ntlheng ya B
mme o kgutle ntlheng ya A, o ntse o batlana le
lequthu kapa botenya. (Se lebale ho hlahloba
lehafi la hao.) Pheta sena ka letsoho le leng.
Hopola ho utlwa dikarolo tsohle tsa letswele ka
leng ka menwana ya hao; sena se ka boela se
etswa ka shawareng.
3. Paqama mme o
potetse letsoho le leng
kamora hlooho. Hlahloba
letswele le leng ka
letsoho le leng. Pheta
sena letsweleng le leng.
WHERE TO FIND HELP
TSEO O LOKELANG HO DI
TSEBA MABAPI LE
TLHOKOMELO YA MATSWELE
CAN SA
CANCER ASSOCIATION
OF SOUTH AFRICA
CANSA e ka thusa ho araba dipotso tsa hao
mabapi le Kankere ya Matswele mme e o nehe
tlhahisoleseding e mabapi le:
· Kalafo le tshehetso
· Moo o ka etswang tlhahlobo ya matswele le
mamokgramo teng.
· Dintlha tse ka bakang kotsi, matshwao a
temoso, thibelo le ho fumanwa ha ho
hong kapele.
Ho fumana tlhahisoleseding e fetang ena,
letsetsa CANSA nomorong e sa lefellweng ya
mohala 0800 22 66 22, kapa ngolla Tshebeletso
ya Tlhahisoleseding, CANSA, P O Box 2121
Bedfordview, 2008 kapa o etele websaete ya
www.cansa.org.za
Reach for Recovery ke sehlopha
sa tshehetso sa baithaopi ba
rupelletsweng ba kileng ba ba le
Kankere ya Matswele mme ba
fumana kalafo. Ba tlisa molaetsa
wa tshepo bakuding ba sa tswa fumanwa ba na
le Kankere ya Matswele ka ho nehelana ka
hlabollo ya maikutlo le ya nnete.
Ho fumana dintlha tsa Sehlopha se Haufi sa
Reach for Recovery, letsetsa CANSA nomorong
e sa lefellweng ya mohala 0800 22 66 22.
CAN SA
CANCER ASSOCIATION
OF SOUTH AFRICA
KANKERE YA MATSWELE KE ENG?
MATSHWAO A PELE A TEMOSO
Kankere ya Matswele ke e nngwe ya dikankere
tse itlhommeng pele basading lefatsheng ka
bophara mme ke ya bobedi e atileng hara
basadi Afrika Borwa. Mosadi a le mong ho ba
31 Afrika Borwa o tla tshwarwa ke kankere ya
matswele.
Kankere ya Matswele ke bohloko bo kotsi bo
ka bakang tahlehelo ya letswele kapa lona lefu.
Le ha ho le jwalo, ebang e fumanwa kapele, e
ka alafshwa ka katleho.
Lequthu letsweleng
kapa lehafing
Ho sosobana ha
letlalo la letswele
Bongata ba basadi ba fumanwang ba na le
kankere ena ba dilemo tse fetang 40. Le ha ho
le jwalo, kankere ya matswele e se e qala ho
ata basading ba bannyane.
KE MANG YA KOTSING?
Basadi bohle ba kotsing ya ho tshwarwa ke Kankere
ya Matswele, feela o kotsing le ho feta ebang:
O le dilemo tse fetang 40
Mmao kapa ausiao a kile a tshwarwa ke
Kankere ya Matswele
O qadile ho ya dinakong tsa sesadi o le
dilemong tse tlase
Dinako tsa sesadi di diehile ho emisa
O bile le bana o se o fetile dilemo tse 30 kapa o
sa ba le bona hohang
O nwa dikgalase tse fetang bobedi tsa jwala
ka letsatsi
Ho hola ho sa tlwaelehang
ha letswele le le leng
Ho ba kgolo ha
ditshwelesa
Ho bothela ho
hotjha ha tlhoko
Phetoho letlalong le
potapotileng tlhoko
·
Etsa tlhalobo ya matswele kgwedi ka nngwe
·
Tseba boholo, sebopeho le ho utlwahala ha
matswele a hao. Ka mokgwa oo o tla elellwa
diphetoho dife kapa dife tse matsweleng tseo
ka mohlomong e ka bang matshwao a
Kankere ya Matswele.
·
Boitlhatlhobo ba Matswele bo tla nka
metsotso e 10 feela kgwedi ka nngwe, mme
sena se ka o pholosa.
·
Nako e ntle ya ho hlahloba matswele a hao ke
beke kamora dinako tsa hao tsa sesadi.
·
Haeba o se o sa ye dinakong tsa hao tsa
sesadi, kgetha letsatsi le le leng kgweding e
nngwe le e nngwe.
KE ETSE JWANG EBANG KE
ELELLWA PHETOHO
LETSWELENG LA KA?
Bona ngaka kapele. Lequthu ha le bolele hore o
se o na le Kankere ya Matswele. Maquthu a
mangata ha se a kankere, empa ngaka e tlameha
ho a hlahloba. Ebang o le dilemo tse fetang 40,
ho molemo ho etsa mamokgramo selemo ka
seng. Matshwao a lemohuwang e sa le ka nako a
ka o pholosa.
MAMOKGRAMO KE ENG?
Ke ekserei e kgonang ho fumana Kankere ya
Matswele le pele lequthu le bonahala. Ha jwale ke
mokgwa o hlwa-hlwa o kgonang ho fumana
Kankere ya Matswele.
MOKGWA WA HO FOKOTSA
KOTSI YA KANKERE YA
MATSWELE
O ka fokotsa kotsi ya Kankere ya Matswele ka:
· Ho ikwetlisa
· Ho ja dijo tse seng mafura haholo
· Ho laola boima ba mmele
NKA ETSA TLHAHLOBO YA
KANKERE YA MATSWELE NENG?
Ho ruruha ho sa
tlwaelehang lehafing
Letswele le leng le tlase
ho feta le leng ka mokgwa
o sa tlwaelehang. Ditlhoko
tse sa leka-lekaneng
CAN SA
STRIVING FOR A CANCER SMART SOUTH AFRICA